song lyrics / Holy Cross Choir / Lefelleng lyrics  | FRen Français

Lefelleng lyrics

Performer Holy Cross Choir

Lefelleng song lyrics by Holy Cross Choir official

Lefelleng is a song in Sotho

O ke habile o (Ke habile lehodimo)
Tseleng ha ke na bodutu (Tseleng ha ke na bodutu)
Ha ke tsamaye (Ha ke tsamaye ke le mong)
Yo (Ke na le Morena Jesu)
Lefelleng (Lefelleng mo ke tsamayang)
Ho lahleha (Ho lahleha ba bangata)
Empa nna (Empa nna ya ntsamaisang)
Ke Jesu (Ke Jesu ke mong'a tsela)

Moshe ha a na tswa lefatsheng la Egepeta
A eteletse sechaba sa Isiraele pele
Lefelleng moo ba neng ba tsamaya teng
Sechaba se ne sa tlala dipelaelo
Sa qala sa duba-duba
Se re Moshe ho ne ho le molemo
Egepeta hobane le mabitla a teng
Moshe a re lefelleng moo ke tsamayang teng
Ho lahleha ba bangata

Mohlomong tsela e ntenne (Mohlomong tsela e ntenne)
Ke shoele ke mokhathala (Ke shoele ke mokhathala)
Jesu o teng, ho ntekane (Jesu o teng, ho ntekane)
Oa nkhothatsa (Oa nkhothatsa, o mpha matla)

Lefelleng (Lefelleng mo ke tsamayang)
Ho lahleha (Ho lahleha ba bangata)
Empa nna (Empa nna ya ntsamaisang)
Ke Jesu (Ke Jesu ke mong'a tsela)

Ho ne ho le teng leru
Le neng le ba eteletse pele
Leo motshehare e ne e le leru
Bosiu e ne e le mollo
Athe ke Jehova ka sebele
Ha ne a eteletse Moshe mmoho le bana ba Isiraele pele
O re Moshe ha a fumana ba se ba entse Modimo wa gauta
O re mohlomong tsela ena e ntenne
Ke shoele ke mokhathala
Empa Jesu o teng, ho ntekane
Oa mpholosa ebile o mpha matla
Ha a ba tadima
O fumana difahleho tsa bona di sosobane
Ba hopotse ho khutlela morao Egepeta
O re Jehova o tle o ntsamaise leetong lena
Jehova o tle o mphe matla leetong lena
Ha e le sechaba sena sa hao
Ke tle ke se ntshe bokhobeng
Ke se ise lefatsheng la Kanana
Amen
Lyrics copyright : legal lyrics licensed by Lyricfind.
No unauthorized reproduction of lyric.

Comments for Lefelleng lyrics

Name/Nickname
Comment
Copyright © 2004-2024 NET VADOR - All rights reserved. www.paroles-musique.com/eng/
Member login

Log in or create an account...

Forgot your password ?
OR
REGISTER
Select in the following order :
1| symbol at the bottom of the eye
2| symbol at the top of the trash
3| symbol at the bottom of the smiley
grid grid grid
grid grid grid
grid grid grid