paroles de chanson / Steve Kekana parole / Joko Ya Hao E Bobebe lyrics  | ENin English

Paroles de Joko Ya Hao E Bobebe

Interprète Steve Kekana

Paroles de la chanson Joko Ya Hao E Bobebe par Steve Kekana lyrics officiel

Joko Ya Hao E Bobebe est une chanson en Sotho du Sud

Joko ea hao e bobebe
E nkhatholola pelo
Tumelo ho nna ke thebe
E tla mphemisa lefu
Nyakallo ke e fumane
Tseleng ea hao morena
Dira ho nna li qhalane
Ke hloloetse ke oena

U re ho nna ke le lale
Ke tshepe leholimo
Moeti ha a khathale
O pepjoa ke morena
E fela ho lutse joalo
Esale o thatile
U mpholisitse matsoalo
Me joale ke thabile

Ha ke hlahelloa ke lillo
U ntekola ka mosa
U ntlela ka lipolelo
Tse phakisang ho nthusa
Ha ke re ke mofutsane
U re che o na le nna
Ha ke re khoro ea hana
O re che
U tla kena

Ho tla ba joang ha ke siea
Kobo ena e bolang
Ke be joalo ka Elia
Ka koloi e fofang
Ke tla opa ka liatla
Ke tla re alleluya
Alleluya ho senatla
Se nkenyang ho Jehova

Ho tla ba joang ha ke siea
Kobo ena e bolang
Ke be joalo ka Elia
Ka koloi e fofang
Ke tla opa ka liatla
Ke tla re alleluya
Alleluya ho senatla
Droits parole : paroles officielles sous licence Lyricfind respectant le droit d'auteur.
Reproduction des paroles interdite sans autorisation.

Commentaires sur les paroles de Joko Ya Hao E Bobebe

Nom/Pseudo
Commentaire
Copyright © 2004-2024 NET VADOR - Tous droits réservés. www.paroles-musique.com
Connexion membre

Se connecter ou créer un compte...

Mot de passe oublié ?
OU
CREER COMPTE
Sélectionnez dans l'ordre suivant :
1| symbole en haut du cadenas
2| symbole à gauche de la maison
3| symbole en bas de l'étoile
grid grid grid
grid grid grid
grid grid grid